azlyrics.biz
a b c d e f g h i j k l m n o p q r s t u v w x y z 0 1 2 3 4 5 6 7 8 9 #

mpharanyana – hlotse lyrics

Loading...

[verse]
ke ngotse lengolo ke le sealemoeng
empa le joale ha ke eso ka ke fumana karabo
ke itse na u se u ukutloa joalo ka tlhapi ka metsing
kapa ka ntle ho metsi?
nna che, ha ke joalo
ka re u nahana u matla
che, ke nna sesoasi sa monna se tlang ho fumana matla
ke itse ke palama koloi ea mollo
eleng eona terene
ka bona horea e tla nts’enyetsa nako
ka re ke tla palama besе
le eona ke bona horе e tla nts’itisa ho fihla ho uena, moratuoa
ka bona hore ntho e tla nthusa, ke sefofane
hobane lerato la rona, moratuoa
le tsamaea ka moea
sa fihla sefofane maseru
ba mpolella hore u ile mohale’s hoek
eitse ha ke sheba lithaba tsa mohale’s hoek
ka bona li le sebakanyana
empa hobane lerato ha le rekoe
ha le botsoe, hase motho
ke ila nna ka pheella leetong la ka
ha ke fihla loting
ba re u sa tla tloha le motsoalle oa hau
oa hlooho ea kh0m+, o ile hlotse
ke moo ba ileng ba nkotla ka majoe teng
ichu, u seke ua nthonkha hle, mmanyeo
ichu, u seke ua nthonkha hle, moratuoa
[chorus]
moratuoa, kea u rata
moratuoa, kea u hloka
moratuoa, kea u shoela
moratuoa, kea u rata

moratuoa, kea u rata
moratuoa, kea u shoela

ke rata uena feela
ke shoela uena feela
‘shoela uena feela
shoela’s

moratuoa, kea u rata….



Random Lyrics

HOT LYRICS

Loading...