azlyrics.biz
a b c d e f g h i j k l m n o p q r s t u v w x y z 0 1 2 3 4 5 6 7 8 9 #

optical illusion – hake fihla! lyrics

Loading...

[verse]
sebaka direng, leihlo le nchocho [?]
tsebe dipikeng, taba e teng, hlaba mokhosi
lefufa le rapaletse, ehlile lentswe le tswetswe
basadi ba eme ‘tsong le letona la [?]
wa mokhethi o ba tlisetsa bophelo seka metsi dichabeng
mankhane wa dithabeng o itlhahisitse
ho phetha nnete ditabeng tsa majela+thoko naheng
ho thoe tsela di pedi, molahlisi kapa moeletsi
khetsi kapa naledi esa benyeng ka bo yona
e khanyan masiu fela ka baka la letsatsi
le chesang baloi ba re koallang mamati
ba setse ba maketse ha ba lemetse
ba lebetse maoba mona ne ba sa sebetse
ba re ba o besa o tuke, wa tima ke furaletse
ha ke fihla le suthe, nako e ile le setse
monokotshoai ha oa butswa ho ea ka takatso tsa tshwene

[chorus]
ha ke fihla o ipate moo o leng teng
ha ke fihla o iketse sekokotwana
ha ke fihla haho poho pedi sakeng (lekhale o ba o besa o tuke!)

ha ke fihla o ipate moo o leng teng
ha ke fihla o iketse sekokotwana
ha ke fihla haho poho pedi sakeng (le kutse, le suthe, le tlohe!)
[verse 2]
yeah! battlekat, ha o tshabe ditaba
bathong, ereng ke jwetse, battlekat o qadile o entse moholo
o kentse poho sakeng la khothu
ke ena e setse e qhasholaka meketa
dinaka tsaka di hlaba ha bohloko
di hlaba di titianya mathwasa le dikhopo
e nchebe tshobotsi!
ke nko di mafamo, ke meriti ka mahlong
ha ke bapallwe ngwanak’a ke, ke phoofolo ya metsi
nka hlatsafatsa bo+ke+ya+tseba le diphuana
khale ke o jwetsa hore ke motshepuoa, thatohatsi
kalaneng kea qethoha joalo ka ntat’a maqhele
ke qhwashe, ke qh+sh+le
khelekenyana tsena bongata di tlisitse bohata
di tlilo rekisa ditaba sekoloto ka ho qabanya leleme le mahanana
he batho! ke tennwe ke nthonyana tsena
ke utlwile ke pohonyana tsena tse khonyang ka moroko
khalekenyana tsa kola tsa diyeye
thupa tsa lona di metsing!

[chorus]
ha ke fihla o ipate moo o leng teng
ha ke fihla o iketse sekokotwana
ha ke fihla, haho poho pedi sakeng (lekhale o ba o besa o tuke!)
ha ke fihla o ipate moo o leng teng
ha ke fihla o iketse sekokotwana
ha ke fihla, haho poho pedi sakeng (le kutse, le suthe, le tlohe!)



Random Lyrics

HOT LYRICS

Loading...